29th Mar 2024 8:32:06 AM

The Charities | The Children | Dorah Mokoena | Health | Schools / Training | Community / Diaries | Regional Reports | UMashesha
Home
Unmask Internet Scams
Place of Miracles
Please Don't
Donations
Plastics poison fires
Monopoly Moonwalk.
Do you need help?
Great Fire 350
News Index
Mt Cameroon Climb
Media Articles
Kilimanjaro climb
Defamation
Radio Adverts
Stoves, Candleholders
Bad Social Workers
How Can I Help
Cycle Ride
Radio Interview
Honours
Volunteer's View
Useful Links
Soweto Fire
Thank You to:
Disaster Recovery
Bags
Newsletter
Other Languages
Class Action Appeal
UK Donations
More about COFI
Help Needed
Drakensberg Trip
Safety Infomercials
Alex fires
Research
Work Experience
Amangwane
Useful Reading
Vacancies
UNAids
Appeal
Rural Outreach
Transport
Volunteers Notebook
North African office
Central Africa
Johannesburg's Annual Chocolate Fest
Sesotho Evelyne Minto

bonokwane
Sehloho se tshabehang

Selemong sena se setjha, Evelyne Minto Essono o leka ho tia sebete mme a itlwaetse ho phela bophelo ba hae bo botjha ka mora ho tjheswa ha bohloko ke acid e neng e sa lebiswa le ho yena - re leboha batho bana ba ileng ba iphetola mosamaria ya molemo ho yena ka BRONWEN JONES

Sontaha sa mohla la 18 Mphalane ke letsatsi leo Evelyne Minto Essono a ke keng a hlola a le lebala le kgale bophelong ba hae. Mohlang oo ka selemo sa 1998, ne a hlaselwe ka sehloho, a tjheswa ka acid mahlong ke motho ya neng a mo tshwantsha le motho e mong. Acid eo e ne e ebole letlalo la hae le hlooho, sefuba esitana le matsohong mme a sala a ena le sebopeholo se tshabehang seo hape se ke keng sa hlola se tjhentjha.

Evelyne o dilemo di 25 jwale. E ne e le morwetsana ya motle ya neng a labalabela hore ka letsatsi le leng o tla fumane mosebetsi o motle mme a tsebe ho lefella dithuto tsa bana ba bo ba mo hlahlamang, a nyalwe mme a be le bana. Ka nako eo o ne a dula Libreville, e leng motsomoholo wa Gabon, naheng ya Afrika. Leha e hore o qadile ho kena sekolo a ena le dilemo tse 10 empa o se a phethile dithuto tsa baccalaureat, e leng maemo a thuto a lekanang le a materiki naheng ena ya habo rona. Ha dikolo di kwetswe le ka mafelo a beke, Evelyne o ne a sebetsa ho amohela baeti ho Africa No.1, e leng seteisheneng sa seyalemoya se ratwang haholo lebatoweng leo.

O tswa lelapeng le leholo empa leha e le hore ke kgutsana yena le bana babo esitana le bomangwanae/rakgadiae le borangwanae kaofela ba a sebetsa mme ba thusana haholo. Evelyne ka mora lefu la ntatae o ne a lo dula le motswalae, Huguette Ndzigue ya neng a etsa dithuto tsa B. Comm yunivesithing. Baahisane ba bona moo foleteng ya bona e le e le banna ba dilemong tse ka ballwang ho 40, ho e nngwe ho dula mosadi ya dilemong tse ka bang ka hodimo ho 20 mme a dula le ngwanabo ya dilemong tse tla katse ho tse 20, ho boetse ho ena le mosadi e mong ya neng a sa nyalwa, Rosette.

Leha Evelyne a ne a rata ho dula a dumedisa baahisane bao ba bona hantle ka dinako tsohle empa o ne a sa ba tsebe hantle kaha o ne a dutse a qakehile, a kena sekolo, kereke, a sebetsa mme hape ha a ena le nako a etela ba lelapa la habo. O ne a ena le moratuwa, athe motswalae Huguette yena o ne a se a ena le nako e telele a ratana le monna ya nyetseng, Louise-Martin - bohlola ba monna enwa ke bona bo neng bo kenya Evelyne tsietsing.

Hoseng ha mohla la 18 Mphalane Evelyne a tsohella karekeng mme motswalae a sala a robetse a re o kgathetse. Ha a kgutla a etela moemedi wa hae wa kerekeng Samuel Obame Zogho e moradiae pele a eya mosebetsing wa hae wa nakwana. A kgutlela foleteng ka 8.30 bosiu mme ho ne ho sa tshabehe hohang sebakeng sena ka ha ho ne ho se diketsahalo tse tlalehwang hakaalo tsa bonokwane.

A fihla motswalae a le siyo mme a itokisetsa ho robala. Ka mora nakwana a kokotelwa ke Martin-Louis Wora ya neng a tsamaisana le mohlankana e mong mmoho le moenae. Ha ba ka ba dula ka ha Huguette o ne a le siyo. O ne a le dilemong tse ballwang ho 40 mme e le motshwari lefapheng le leng la mmuso. Mosadi wa hae le bana ba ne ba dula lekeisheneng le leng le maemong a hodimo le bitswang Glass. Leha Evelyne a ne a sa rate ha motswalae a ratana le monna ya nyetseng empa o ne a sa bue letho kaha o ne a nka ka hore ha se taba ya hae mme o ne a hlola a ipotsitse moo a leng mong hore ekaba mosadi wa monna eo o ikutlwa jwang.

Mosadi e mong ya dulang foleteng e thokwana le ya bona, Hermine o re o ne a bone mosadi e mong ya dilemo tse ka ballwang ho 20 a rwetse katiba e patang sefahleho a neha moshanyana sephuthelwana se itseng. A se ke a belaela letho empa ka mora matsatsinyana mosadi eo le e mong Meme ba bona sephuthelwana sena foleteng ya Evelyne. Ba boela ba bona Huguette a se lahla mmoho le thaule e senyehileng haholo.

Athe ka mora hore Louis-Martin le bao a neng a ena le bona ba tswe, ha boela ha kokota motho monyako. Evelyne a nahana hore mohlomong Martin o lebetse ho hong, a bula a sa botsa hore ke mang. A fumana moshanyana ya rwetseng katiba e kganyang, ya ileng a mo tshela ka acid mahlong le sefubeng esitana le diphakeng, a qeta a nyamela moo hara lefifi. Hanghang a ikutlwa a hatsela mme a opelwa ha bohloko.

Ha a so ka a bona moshanyana eo hape ka ha o ne a qala le ho mo bona mohlang oo leha ho le jwalo o nahana hore le yena ho na le moo acid ena e neng e mo tshele hanyenyane. A sala a bokolla moo a se a lebetse le hore ha a tena ka ha ho ne ho tjhesa haholo. Baahisane ba hae bao ne ba bula monyako ha ba mo bona ba kwale hape ho ya kamoo a neng a tshabeha ka teng. Qetellong monna e mong ya bitswang Nadege a itela a tla le metsi mme a mo tshela ha bonahala hore acid e se e entse tshenyo e tshabehang letlalong la hae. A batla tekesi hore e mo ise sepetlele sa Central. A dula moo ho fihlela ka Hlakola selemong se latelang. Ke hona mona moo ke neng ke kopane le yena.

Mona Afrika Borwa ke phethile nako e telele ya bophelo ba ka ke leka ho thibela maqeba a ho tjha le ho thusa batho ba tjheleng mme leha e le hore ke ne ke ile Gabon ho ya ngola ka difate empa ke ile ka fumana nako ya ho botsa batho ba sebaka seo ka mahlatsipa a ho tjha bao hangata ke neng ke lebelletse hore e tla ba bana. Mokganni wa tekesi a nkisa ho Coulibaly Soungalio, eo e leng molebedi empa ya entseng dithuto tsa molao, eo e leng yena ya neng a nthusa ho ntolokela.

Ka nako eo basebetsi bohle ba sebetsang dipetleng tsa mmuso ba ne ba ngadile mosebetsi mme Evelyne o ne a tlameha ho itlhatswetsa dilakane tsa hae mme a be a ithoba maqeba ka boyena. O ne a dutse a le mong ka phaposing ya bookelo, a shebahala a otile, a opelwa mme a bile a feletswe ke tshepo. Ke ne ke makale ha ke bontshwa ditshwantsho tsa hae pele a etjha ho ya ka moo a tshabehang ka teng. Ha ke bua le ngaka ya hae, ya mpolella hore ha ho letho leo ba ka le etsang ho mo thusa ka ha Gabon ha ho le plastic surgeon leha e le nngwe feela. Motho ya tjheleng sebakeng seo o dula a tshabeha a le jwalo bophelo bohle ba hae. Hona ho bakelwa le ke hore mebila ya teng e mebe mme batho ha ba kgone ho ya fihlella sepetlele ka nako ha ba se ba lemetse.

Ngaka e ne a mpolelle hore e tla mo ntsha leihlo ka hae kaha ba sa kgone ho lokisa dintshi tse tjheleng athe mathata a mang hape ke hore o tla sala a le sekoti jwalo hobane Gabone ha ba na mahlo a iketseditsweng. Naha ena e na le oli mmoho le dimenerale tse ding tsa bohlokwa mme hape e na le meru ya bohlokwa e mengata. Mopresidente wa teng Omar Bongo o dula sebakeng se setle ka ho fetisisa leha e le hore ha ho tjhelete e ka thusang batho ba mathateng a kang ana a Evelyne.

Ka kopa ngaka ho ema hanyenyane ke bone hore ha ho ka moo nka mo thusang ka teng. Ka kgutlela Afrika Borwa mme ka etsa ditlhophiso tsa hore Evelyne a etswe opereishene ke Netcare sepetleleng sa Sunnyhill. Ka thuswa ke Marysia Dusinski wa South African Embassy mane Gabon le Coulibaly Soungalo, eo e leng mothusi wa motshwari wa mokotla wa ho thusa setjhaba sa mose o bitswang Charity le Sizani Catholic Mission ka lerato la bona le babatshehang mmoho le Air Gabon mmoho le batho ba bang ba bohlokwa ba kang - David Astor, Vernon Ching, Marie Antoinette Pereira le Julia Ray hore Evelyne a tsebe ho tla kwano a boele a be le tshepo e ntjha ya bophelong.

Leha e le hore mabitso ana ha a bolele letho ho babadi ba bang empa nnete ke hore ba nkgopotsa ka pale ya Bibeleng e buang ka mosadi wa Mosamaria ya molemo ka ha le bona ba thusitse moditjhaba ba sa lebella le ho buselletswa letho ka hona. Leha ho le jwalo ha re sobe kae. Ho na le batho ba bang ba mo thusitseng haholo ka ho mo otlolla mesifa le masapo mme o tla dula lehaeng lena la rona le lenyenyane selemo kaofela. O se a bile a ekeditse boima ba mmele ka dikogram tse robedi kaofela. O ithuta ho bapala tennis mmoho le computer, ho roka esitana le ho bua Senyesemane.

Ho sa ntse ho hlokahala hore a etswe opereishene e nngwe e kgolo eo a tlang ho ebolwa letlalo la mokokotlo ho lokiswe molomo, seledu le molala. Ngaka ya letlalo ya Johannesburg Park Lane, Lawrence Chait o nahana hore Evelyne o tla boela a hloka ho etsetswa nko e ntjha. Ditefello ya opereishene ena ke R250 000. Ke dumela hore tjhelete ena e ka nna ya bokelletswe empa nnete ke hore ha jwale ha re na le sente feela ya ho qala.

Evelyne o bolelletswe hore mosadi ya neng a hlophise hore a lematswe ka acid ke eo le yena e neng e le nyatsi Louis-Martin mme le lebitso la hae re a le tseba empa nnete ke hore o ne a sa ikemisetsa ho lematsa yena o ne a batla motswallae, Huguette. Ha ho tshepo ya hore mosadi eo a ka qoswa lekgotleng la dinyewe ka ha Gabon ha ho babuelli ba mahala athe ba lelapa la habo Evelyne ba futsanehile ba ke ke ba kgona ho lefella mmuelli. Leha re letsetsa mohala ho batshwari ba Gabonese Embassy mane Pretoria, ha re ba fumane mme le bona ha ba ikgathatse ho re letsetsa. Ha ba eso ka ba mo etela sepetele esitana le hona ho mo romella dipalesa feela.

Batho ba bang ha ba mo hauhele hobane ha se moahi wa naha ena. Nna seo ke ipotsang sona feela ke hore ekaba ke ne ke tla etsa jwang hoja sena se ne se etsahetse ho nna? Ho ngwaneso kapa ngwanaka? Re ka iphapanya jwang bokgopo bo tshabehang hakaale-kaale bo bileng bo susumeditsweng ke bophoqo haeba re batla ho bontsha hore lerato ke lona le lokelang ho rena lefatsheng lena?

Haeba o batla ho thusa Evelyne, ikopanye le yena ka thuso ya BRONWEN JONES
Monoro ya mohala/ya fax (011) 726 6529
Email firechildren@icon.co.za
Box 1048, Auckland Park, 2006.


This material is Copyright © The Dorah Mokoena Charitable Trust and/or Children of Fire , 1998-2024.
Distribution or re-transmission of this material, excluding the Schools' Guide, is expressly forbidden without prior permission of the Trust.
For further information, email firechildren@icon.co.za